31 March 2004

Home / March 31, 2004

Ditokisetso tsa meriane ya Phamokate Gauteng ‘€“ Karolo 2

Tlalehong ya rona ya bobedi ho bona ka moo dipetlele le ditleniki di itokisetsang ho qala ho hlokomela bakudi ba Phamokathe ka meriana ya antiretrovirals ka tlase ho lenaneo le letjha la mmuso, Health-e News Service e ile ya etela tleniki ya batho ba baholo ya Phamokathe, e sepetleleng sa Chris Hani Baragwanath. Teng ba ile ba buisana le Dr Alan Karstaedt, molaodi wa tleniki.
Read More » Ditokisetso tsa meriane ya Phamokate Gauteng ‘€“ Karolo 2

Ditokisetso tsa meriana ya Phamokathe Gauteng – Karolo 1

Ka letsatsi la boraro ho tloha kajeno, ka la 1 Mmesa, profense ya Gauteng e tla be e qala ho fepa batho ba kulang ka mafu a Phamokathe meriana ya mahala. Dipetlele tsa Johannesburg, Chris Hani Baragwanath, Helen Joseph, Coronation le Kalafong ke tsona tsa ho qala tse tlang ho fana ka thuso ena. Kgweding tse robedi tse latelang ho tla bulwa ditshebeletso tse ding tse leshome le metso e robedi hare ho profense. Khopotso Bodibe wa Health-e News Service o re tlisetsa tlaleho ena ya ho qala ho tswa ho tse tharo, ka mora hore a etele tse ding tsa ditshebeletso tse tlang ho bulwa ka labone.
Read More » Ditokisetso tsa meriana ya Phamokathe Gauteng – Karolo 1

Newsletter Subscription

Enable Notifications OK No thanks