Duration: 5min 29sec
Transcript
KHOPOTSO: E ne e le ka kgwedi ya Pudungwana lemong se fetileng ha Nonhlanhla Kubheka a itokisetsa ho tsamaela kopano e neng e tshwaretswe naheng ya Uganda ha ho ne ho bonahala hore bophelo ba hae bo a fokola. O ne a lokela ho etsa diteko tse mmalwa tse akaretsang CD 4 count test ‘ e bontshang matla kapa bofokodi ba masole a mmele wa motho ha a ena le tshwaetso ya HIV. Teko eo e ile ya bontsha hore masole a mmele a Nonhlanhla ho setse a 300 feela. Jwale ka mora dikgwedi tse supileng Nonhlanhla o kgathatsehile hore ho ka etsahala hore disele tsena tse bitswang ka hore ke di Helper
T-cells di se di fokotsehile haholo – hona hoo di ka ebang tlase ho 200. Tshwaetso ya HIV e phakisa ho bolaya disele tsena tseo e leng masole a mmele. Ha disele tsena di ballwa ho 200 kapa tlase mading a motho, ho thwe motho eo o ena le AIDS kapa Phamokathe. Ho molemo hore ka yona nako eo motho a qale ho sebedisa meriana e mona e bitswang ka hore ke dianti-retrovirals ho theosa bohale ba tshwaetso mmeleng wa hae. Nonhlanhla o dumela hore o se a fihlile boemong boo.
NONHLANHLA KUBHEKA: Yes, it’s what I think because of the virus in my body and the time that I stayed having this virus’¦ Immune system is getting tired’¦ So, I’m willing, really, to have my CD 4 count’¦ If I need to take treatment I want to start it now. I don’t want to start it very late because I want it to work for me as much as I see it work for other people.
KHOPOTSO: Kgweding e fetileng Nonhlanhla o ile a qala ho tswa mathopa mmeleng mona.
NONHLANHLA KUBHEKA: At the neck’¦ It’s all over the body. I’ve got the other one here on the stomach and the other one was here on the leg’¦ They’ve got that yellow thing inside when you press it’¦
This is the first time that I experience this thing as a person living with HIV for 11 years.
KHOPOTSO: O ile a ya tliniking ya Perinatal HIV Research Unit e sepetleleng sa Chris Hani Baragwanath ho eya bona hore molato ke ofe. Teng o ile a nehwa setlolo le dipilisi tsa Panado ho kokobetsa bohloko ba mathopa ao. Mooki a neng a mo thusa ha a ka a hlahisa morero wa hore Nonhlanhla a etse teko ya CD 4 count. O ile a mpa a mo bolella ho tswa hloohong ya hae hore palo ya masole a mmele wa Nonhlanhla, di-Helper T-cells, di theohile. Ho sa le jwalo, mathopa ana a ntse a tswela pele ho iketsetsa mmeleng mona ho Nonhlanhla.
NONHLANHLA KUBHEKA: They go and come. They go and come because there’s nothing like anti-biotics that I get that can kill it inside. And what is causing this? It’s either it’s the stress or it’s the immune system. It’s down’¦ He just told me that ‘Oh, ah-ah, your CD 4 count is very, very low. It was 300. Maybe it’s around 100. He just assumed’¦
KHOPOTSO: Lena ke letshwao la ho qala la tshwaetso ya HIV le batlang le hlobaetsa ka mora dilemo tse pedi ho tswa ho tse 11 tseo Nonhlanhla a bileng le HIV ka tsona. La ho qala le bile ka selemo sa 2002. Lona le itlhahisitse ka tshwaetso e tsejwang ka hore ke Herpes Zosta. Herpers Zosta e hlaha ha motho o le ka tlase ho kgatello e kgolo kapa ka mora thobalano e sa sirelletsehang.
NONHLANHLA KUBHEKA: It’s small pimples with water inside. They come close together from the chest around the breast, to the back and the shoulder. Even now it’s still paining’¦ Once you come (down) with it, it always comes (back). So, we need to avoid stress and you need to look after yourself’¦ You don’t need to get infections. So, you need to go after, maybe, a month to drink the Isoclevera tablets’¦ I asked the doctor: ‘Why is it painful because there’s nothing now?’ But when the pain hits, you see ukuthi (that) it’s where I was developing Herpes. Then they said: ‘It’s inside the blood’¦ you need to drink treatment to kill it not to come out.’
KHOPOTSO: Hona ho bolela hore Nonhlanhla o ena le ditshwaetso tse pedi tse sa phekoleheng. Palo ya masole a hae a mmele a duletse ho eya tlase. Na hona ho a mo tshosa?
NONHLANHLA KUBHEKA: I’m not scared, so far’¦ Because of these boils that I develop that’s why I want to insist to take my CD 4 count’¦ I’m willing to take ARV’s if it’s the time that I have to take ARV’s. I don’t want to take them when I don’t have a choice’¦ The CD 4 count will show me whether I have to take them or not.
KHOPOTSO: O lemoha hantle ditlamorao tsa ho nka dipilisi tsa di-antiretrovirals le boikarabelo bo tsamaisanang le ho nka meriana ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hae. Empa hoo ha se bothata boo a ka bo tsotellang. Bothata ba ka nnete ke hore Nonhlanhla o lokela ho lwantshana le letswalo leo a ebang le lona ha a tshwanela ho nwa dipilisi.
NONHLANHLA KUBHEKA: My worry is that they are big. And this is an issue again because I’m afraid to drink tablets. But I’m ready to take them. So, I will try other ways to take them. They are many, and the size, others they are big, with the shape like round shape or V-shape’¦ And then you think ukuthi (that): ‘Aah, Eeish. Life, maar (but), it’s not fair’¦ But I have to take it.’
E-mail Kopotso Bodibe




