Bophelo ba Elvis lemong tse tharo

Transcript

( Elvis whistling and calling out to his cattle)’€

KHOPOTSO: Enwa e ne e le Elvis Lerale ka selemo sa 2001 kgweding ya Lwetse. Tlase ha letsatsi le tjhesang ha bohloko la Limpopo le ha le phirima, a fufuletswe mona phahleng, Elvis o ne a tletse mafolofolo a bokella mehlape ya hae e akaretsang dikgomo tse mashome a mabedi le metso e mmedi, dipodi tse leshome le diesele tse nne. Hona o ne a ho etsa ka mehla ha a etswa sekolong. Empa diphoofolo tsena e ne e se tsa lapeng la bo-Elvis. E ne e le tsa baahisane. Ha a le dilemo tse robong Elvis o ile a tlameha ho eba monna a iphumanele tjhelete ka mora hore batswadi ba hae ba eye boyabatho ka baka la lefu la Phamokathe. O ne a lefellwa diranta tse makgolo a mane ho hlokomela mehlape ena.

ELVIS: Ba nthekela diaparo, ba nthekela le dijo,e nngwe ba e isa sekolong. Le ge re eya maetong ba mpateletje ka tjhelete eo ke e disetsago.

KHOPOTSO: Ho ena le hore a bapale papadi ya bolo le dithaka tsa hae, Elvis o ile a tshwanela ke ho eba le boikarabelo a esa le monyenyane. Rrakgadi ya hae a hlokang mosebetsi, a bile a nang le bana ba babedi bao e leng ba hae o ile a mo fa bodulo yena le kgaitsedinyana ya hae ka mora hore batswadi ba bona ba hlokahale. Ho iphedisa, nakong eo le kajeno lena, o rekisa nama ya dikahare mmarakeng toropong ya Polokwane. Pakeng tsa bona ba le babedi ba ne ba fepa lelapa la batho ba bahlano. Empa boikarabelo boo a neng a bo jere bo ne bo sitisa Elvis dithutong tsa hae.

ELVIS: Hobane ke duma bana ba bangwe, ga ke yo disa bona ba bala dibuka.

KHOPOTSO: Nakong eo Elvis o ne a e le dilemo tse robong. Jwale o se a ena le dilemo tse leshome le motso o le mong. Ke ile ka boela morao motsaneng wa Maupye moo ke ileng ka teana le monnamoholo a monyenyane, jwalo ka ha e mong a hlokomelang dikgutsana motseng wa habo a mo bolela. Jwalo ka mehla Elvis o ne a le maphathephathe. E mong wa barutisi ba hae o re thusitse ho mmatla.

Where is Elvis? Elvis o ho kae? Elvis’€¦! Elvis’€¦! ‘€¦

KHOPOTSO: Qetellong o a hlaha. Ha re le lapeng labo o ile a mphetela ka tsa bophelo ba hae e sa le re kopana lemong sa 2001 ka Lwetse. Empa ho bile boima hore a mphetele ka moo a kolotang sekolo makgolo a mabedi le mashome mane bakeng sa dithuto le hore rrakgadi ya hae o ntse a sa sebetse o phela ka ho rekisa nama ya dikahare. Le ha ho le jwalo, ka lentswe le fatshe o re bophelo bo betere. Hona ka lebaka lenyenyane feela.

ELVIS: Ee, bo betere ka gore matsatsi ana ga ke sa yo disa’€¦ Ke qetelletse go disa ka January.

KHOPOTSO: Elvis o dihlong ho bolela hore hobaneng a tlohetse ho disa ntle le hore mehlape e ne e senya masimo a batho, etswe o ne a sa kgone ho e laola. Ke ile ka mmotsa hore na sekolong dintho di ntse di tsamaya jwang..

ELVIS: Di tsamaya ga botse. Ke bala Grade 6. Ke batla go ithutela go ba scientist.

KHOPOTSO: O re o rata dithuto tsa mahlale kapa saense hoba a ena le kgahleho ya ho tseba hore na dimmapa di ralwa jwang. Le ha matsatsi a Elvis a modisa a fedile, bophelo ha bo a fetoha ha kaalo, ntle le hore jwale Elvis o kgona ho bapala bolo le metswalle ya hae esita le hona ho bala dibuka tsa hae. Eo ke phethoho e kgolo ho yena. Empa bophelo bo boima. Hangata lelapa la ha ba-Lerale le hloka dijo. Tinare e ye e be bohobe le teye ha ho le hobe. Mohlang ho thwe dintho di motjheng, ho jewa bohobe le nama ya ka hare. Ka lehlohonlo hare ha letsatsi sekolo se a mo fepa. Le ha a hloka jwalo, Elvis ha a tletlebe. O ena le seriti se fetang dilemo tsa hae. O ena le dihloko tse ngata, empa tseo a di bolelang bongata ba rona ha re di tsotelle.

ELVIS: Dieta le pull-over.

KHOPOTSO: Ha ke ne ke qala ho teana le Elvis ka selemo sa 2001, bahlokomedi ba ne ba sokola ho mo fumanela tjhelete ya thuso ya mmuso, hammoho le kgaitsedi ya hae.

Le hona jwale ha ba eso e fumane. Ha ke botsa e mong wa bona, e leng Sara Galane, hore hobaneng, o ile a nkarabela ka ho akgela matsoho a hae moyeng. O itse dikopo e se e le tse ngata tseo a di entseng le ba kantoro ya tsa ntshetso pele ya setjhaba profenseng ya Limpopo, empa kaofela ha tsona ha di a ka tsa atleha.

E-mail Khopotso Bodibe

Author

  • Health-e News

    Health-e News is South Africa's dedicated health news service and home to OurHealth citizen journalism. Follow us on Twitter @HealtheNews

Free to Share

Creative Commons License

Republish our articles for free, online or in print, under a Creative Commons license.


Related

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Stay in the loop

We love that you love visiting our site. Our content is free, but to continue reading, please register.

Newsletter Subscription

Enable Notifications OK No thanks