Lesotho le fumana meriana ya Phamokathe

Duration: 5min 52sec

Transcript:

SFX: Singing of the Lesotho national anthem’€¦

KHOPOTSO: Ho ne ho hlile ho lokela ho bina pina ya hlompho ya bosetjhaba. Esale naha ya Lesotho e tobana le motho wa ho qala wa ho kula ka lefu la Phamokathe kapa AIDS ka selemo sa 1986, ho ne ho amohelwa monyetla wa ho fumantsha bakudi meriana ena e thusang ho theola bohale ba HIV. Batho ba ballwang ho dikete tse leshome le metso e mehlano ba se ba bolauwe ke lefu lena Lesotho. Ba dikete tse makgolo a mararo ba ena le tshwaetso ya HIV naheng eo mothating ona. Tliniki ya ho qala e tla thusa bakudi ba Phamokathe e hlonngwe motseng wa Botshabelo, motseng o haufi le toropo ya Maseru. Yona e tsejwa ka hore ke Senkatana Centre of Excellence. Mmaditeboho Kolobe, o sebetsa ho eletsa bakudi ka tsa Phamokathe tliniking eo.

MMADITEBOHO KOLOBE: This place in itself used to be a leper settlement. It’€™s surprising (now) that it is going to be an HIV/AIDS settlement. Those two things coming together like that remove a lot of stigma. People coming here this time will have no fear of being stigmatised.

KHOPOTSO: Ho eya ka pale tsa Sesotho tliniki ena e reelletswe ka mohale a moshemane, Moshanyana Senkatana, a ileng a pholosa setjhaba sa motse wa habo ho tswa mpeng ya phoofolo e tonannahadi e tshabehang, Khodumodumo.

MMADITEBOHO KOLOBE: There was a big animal that ate all the people and everybody was in there. And nobody was ready to see how to secure those people in there, eaten by this big animal. And there was a young Mosotho boy who said I’€™m going to kill this animal and help those people out. So, he took one of the simplest things to do and hit the animal. So, we are naming this Centre after that incident of saving people. We are hoping that this Centre will save a lot people from this big epidemic. Once that boy stabbed the animal everybody came out safe.                      

KHOPOTSO: Ngaka Hind Sati ke e mong wa dingaka tse pedi tliniking ena.

DR HIND SATI: Our project is for three years and we are planning to see and help 1 200 patients by the end of the three years’€¦ But, hopefully we are going to get some assistance from the government, so we’€™ll have more drugs so we can see more patients.  

KHOPOTSO: Projeke ena e simollotswe ka mpho ya tjhelete e ballwang ho maloti a dimilione tse mashome a mabedi le metso e tsheletseng a Lesotho ho tswa khamphaning ya dihlare ya Bristol-Myers-Squibb. Empa ntlha e teng e sa jesang ditheohelang. Ke eng se tla etsahala ho bakudi ka mora hore dilemo tse tharo tsena di feele? Ngaka Pearl Ntshekge ke molaodi e moholo wa Senkatana Centre of Health hammoho le ditshebelletso tsa mmuso tse tobaneng le tsa Phamokathe.

DR PEARL NTSHEKGE: The health of a nation is a responsibility of government. And that responsibility is continuous and permanent. With or without HIV/AIDS we have a responsibility to continue to maintain the health of our people. So, there’€™ll be ways in between the phasing out of the three years’€¦ to see that government takes on a greater responsibility each year and we look also at our partners – international and local’€¦ to ensure that the project is sustained beyond three years.    

KHOPOTSO: Ngaka Motloheloa Phooko ke letona la tsa maphelo Lesotho.

DR PHOOKO: There is total political commitment to issues around HIV and AIDS. In all the political meetings and rallies that we hold one cannot finish addressing the public without referring to HIV and AIDS issues. That is standard. And that is determined from the top with the Prime Minister himself who dictates that every politician must talk about HIV and AIDS issues.    

KHOPOTSO: Ho bonahala eka mmuso wa Lesotho o tiile ho lwantshana le kodua ya lefu la Phamokathe. Ho tiia hona ke hoo e leng hore naha ya Afrika Borwa ha e a ka ya eba le hona dilemong tse leshome tse fetileng. Empa le ha boithaopo ba bo-rradipolotiki bo le bohlokwa ho a hlokahala hore mmuso o ntshe tjhelete ho thusa mesebetsi e kang ena. Feela hona jwale ho bonahala eka mmuso wa Lesotho ha o a ikemisetsa ho etsa jwalo.

O tshepetse ho dimpho tsa tjhelete ho tswa ho mekgatlo le dikhamphani tsa matjhaba. Ditsha tse ding tse pedi ho thusa bakudi ba Phamokathe di tla bulwa haufinyane diterekeng tsa Leribe le Mohaleshoek ka mora hore mmuso o fumane tjhelete e ballwang ho dimilione tse mashome a mararo le metso e mmedi a diloare ho tswa ho mokgatlo wa Global Fund to fight AIDS, TB and Malaria. Ditsha tsena di tla fokotsa palo ya batho eo ho hopolwang hore e tla bokanela setsha sa Senkatana, Maseru, le tse Foreisetata, nnqeng e nngwe ya moedi Afrika Borwa. Tlasa lenaneo la projeke ya WHO ya ho fumantsha batho ba dimilione tse tharo dihlare tsa Phamokathe ka selemo sa 2005, Lesotho le lokela ho eba le bakudi ba mashome a mabedi le metso e robedi ba fumanang thuso ena. Empa ho bonahala hantle hore hoo ho ka se phethahale. Bothata bo bong ke hore bana ha ba a ballwa ho fumana thuso ena. Le ha ho le jwalo mosebetsi ona o bohlokwa o se o qadile. Ha ho ena nako ya ho tjhetjhela morao.        

E-mail Khopotso Bodibe

Author

  • Health-e News

    Health-e News is South Africa's dedicated health news service and home to OurHealth citizen journalism. Follow us on Twitter @HealtheNews

Free to Share

Creative Commons License

Republish our articles for free, online or in print, under a Creative Commons license.


Related

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Stay in the loop

We love that you love visiting our site. Our content is free, but to continue reading, please register.

Newsletter Subscription

Enable Notifications OK No thanks