Morero wa ho fana ka meriana
Profense ya Limpopo ke e nngwe ya tse hlano tseo mmuso o reng di tla fana ka meriana ya Phamokathe haufinyana. Hona ka mora hore profense ya Gauteng e qale ho fumantsha bakudi meriana ena ka la 1 Mmesa. Tlalehong ena Khopotso Bodibe o etela sepetlele sa Tintswalo, se seng sa dipetlele tse kgolo profenseng ya Limpopo, se leng motseng wa mahaeng Acornhoek. Moo teng o ile a teana le ngaka Paul Pronyk eo a e nang le dilemo tse tsheletseng a sebetsa sepetleng seo ka tlase ho morero wa Rural AIDS and Development Action Research ya yunibesithi ya Wits.








