Lefapha la naha la tsa bophelo le sa tswa tsebisa mofuta o motjha wa dikgohlopo tse bitswang 'Choice', ka tshepo ya hore bongata ba batho bo tla fetola boitshwaro bo sebedise dikgohlopo. Empa tlalehong e latelang re ithuta hore le ha kgohlopo e ka eba ya mofuta ofe, hoo ha ho tsotellehe ho batho ba ba tshehadi. Ho molemo ke bokgoni ba hore ba tsebe ho ikgethela hore ba etsa thobalano ne neng le ka tsela efe. Le lemoswa hore mabitso a bomme bao re buisanang le bona tlalehong ena ha se a bona a nnete.