Ba thuswa hore ba ithuse
Ha lefu la Phamokathe le hlasela sono se aparelang malapa le metse ke sena se rothisang pelo madi. Qetellong ba okametseng malapa ba iphumana e le hore ha ba sa kgona ho sebetsa kapa hona ho iphumanela masheleng ha lefu le ntse le ya le ata mebeleng ya bona. Hona ho tlisa tlala le tlhopheho. Hangata bana ba sala e le dikgutsana ebe ba tlameha ho iketsetsa bophelo ka tsela tse fapafapaneng. Nakong e kgolo o fumana e le hore ha ho moo thuso e hlahang teng. Le ha ho le jwalo tshepo e teng, jwalo ka ha re utlwa tlalehong e latelang.