Mehleng ena, Natalia Baloyi o ena le lebaka la ho bososela. Pale ya hae ke e supisang hore le ha ho ka eba boima jwang, katleho e tla finyelleha ha feela motho o ena le tshepo le maikemisetso. Lemong tse ka bang tharo tse fetileng, a ena le dilemo tse 22, Natalia o ne a sa sebetse, a bile a hlokomela lelapa labo la dikgaitsedi tse tharo le ngwana e mong eo e leng wa hae. Sena ka mora hore batswadi ba hae ba hlokahale ka mora hore ba kule. Ho hopolwa hore ba nkuwa ke lefu la Phamokathe. Ka mora lemo tsena Health-e News Service e boela e etela Natalia motseng wa habo wa Marironi, Tzaneen, Limpopo.