Le ha baahi ba Lesotho ba ballwa ho dimilione tse 2.2 feela, mmuso wa naha eo o tshwenyehile haholo ha e le mona palo ya batho ba nang le tshwaetso ya HIV e batla e ata. Ba ballwa ho dipesente tse 31 batho ba nang le kokwana hloko ena. Ba mmalwa feela, ba ka eba dipesente tse hlano, ba kgonang ho ithekela meriana e thusang ho theola bohale ba HIV mmeleng wa mokudi. Empa, jwalo ka ha Health-e News Service e tlaleha, dintho di a fetoha ka ha e le mona mmuso wa Lesotho o qadile morero wa ho fumantsha bakudi meriana ena morao wa hore o fumane mpho ya tjhelete.